Nehemia

Thuto 2*Mphalane 5–11
Nehemia

Sabatha Mantsiboea

Bakeng sa Thuto ea Beke ena Bala:
Nehemia 1–2, Deut. 7:9, Lipes. 23:1–6, Numere 23:19.

Temana ea Khopolo:
“Eitse ha ke utloa taba tseo, ka lula ka lla, ’me ka hlola bofifing litšiu tse ngatanyana,
hape ka itima lijo, ka rapela pela Molimo oa maholimo. Ka re: Jo! Jehova, Molimo oa
maholimo, Molimo O moholo o tšabehang, o bolokelang ba u ratang, ba bolokang melao
ea hau, selekane le mohau!’” (Nehemia 1:4, 5).

Ho fihlela hajoale, lihlopha tse peli tsa baholehuoa li khutletse Judea, eleng
se phethahatsang bonyane karoloana ea litšepeiso tsa Molimo sechabeng
sa Baheberu. Empa ho na le sehlopha se seng hape sa baholehuoa seo
Molimo A ntseng A se lokisa. Sehlopha sena sa ho qetela se rometsoe ho ea
lokisa bothata. Leha lihlopha tse peli tsa pele li khutletse ho tla tsosolosa
Jerusalema le ho qetela karolo ea moralo oo ka ho qetela tempele, boholo ba khaho bo
ileng ba nyahlatsoa ha e thibeloa ka matla ke lichaba tse haufi. Lichaba tse neng li le haufi
li ne li sa batle ha Maiseraele a tsosolosa motse hobane li ne li tšaba hore Baiseraele e ka
boela ea e ba sechaba se matla joalokaha se kile sa e ba joalo (Esdrase 4:6–24). Ka hona,
ho khutla ha Baiseraele ho bonahetse ho ba tšosa, eleng ntho’eo ba neng ba ikemiselitse ho
e thibela. Empa Molimo O ne A sa bitsetsa batho ba hae ho tla ba nyahlatsa morero oa hae
oa hae oa seo A ba bitselitseng sona o e-so fele.

Ka hona, o ne a lokisa motho e mong ho ntšetsa-pele sepheo sa hae. Lebitso la hae e n’e le
Nehemia, ’me re retelehela ho eena le lentsoe la hae.

*Ithute Thuto ea Beke ena ho lokisetsa Sabatha sa 12 Mphalane.

Sontaha Mphalane 6
Nehemia o Fumana Litaba tse Bohloko

Buka ea Nehemia e batla e qala joaloka ea Daniele (Bala Dan. 1:1, 2), ’me e n’e le taba tse
bohloko. E, bongata bo ne bo khutletse naheng ea baholo-holo ba bona, empa lintho li ne li
sa tsamaee hantle moo.

Bala Nehemia 1:1–4. Ke hobaneng ha Nehemia a ne a ferekane hakale-kale? O ile a
arabela litaba tse bohloko tseo a li fumaneng joang?

Ba bang ba Bajude ba neng ba nketsoe kholehong lilemo-lemo pele ho moo ba ne ba behiloe
Susane, se seng sa litereke tse ’ne tsa ’muso oa Persia, moo Nehemia a neng a sebetsa e le
moqhatsi oa veine tlung ea borena. Lentsoe le sebelisitsoeng bakeng sa “Hanani e mong
bana beso” le tlameha le buoa ka e mong oa bana babo ba mali, hobane ho na le ho luma ho
tšoanang empa ho batlang ho sekametse haholo lelokong la lelapa le buoang ka Hanani ho
Nehemia 7:2, leha hoo eka nna eaba le ipuela feela ka Moiseraele e mong oa bo. Khonahalo
ke hore puisano ena ea Hanani le Jeremia e etsahetse mahareng a Pulungoane le a Tšitoe
ea 445 B.C., lilemo tse ka bang 13 kamora hore Esdrase a khutlele Jerusalema, ’me sera se
sentse marako a motse, se a siea pooaneng e le lesupi.

E kanna eaba Nehemia o ne a ile a utloa menyenyetsi ea hore Masamaria a sentse marako
a motse, empa o ne a se na karabo e hlakileng ho fihlela motsotsong ona. Ka lebaka lena,
morena Artakserksese ka bo eena a tamukanya tšepo ea bakhutletseng Jerusalema ka ho
emisa khaho kamora hore batho ba mose oane ho noka ba tletlebe (Esdrase 4).

Leha e le hore tempele e ile ea tsosolosoa, e n’e sa sebetse hantle kaha batho ba neng ba
hlokeha bakeng sa litšebeletso tsa eona ba ne ba sitoa ho phela Jerusalema. Maemo ana a ile
a koatisa Nehemia nakong eo se boleloang ke litaba tsena se thophothele moeeng oa hae:
Bajuda ba ne ba sa rorise Molimo leha ba ne ba ile ho ea etsa joalo. Empa, ba ne ba se na
taba le ntlo ea Molimo le motse o Halalelang, ka baka la ho tšaba ho hlorisoa ke sera. Ka
hona, Nehemia a retelehela ho Molimo hang-hang. H’a tletlebe ka hore batho ba Juda ke
makoala a hlokang tumelo, ebile h’a amohele maemo ana e le a tloaelehileng. Nehemia o
oela fatše ka mangole ’me o qala ho rapela le ho itima lijo.

Ka taba tse bohloko hakana, Nehemia a lla, a itima, a rapela. See se re’ng
malebana le kamoo, haholo-holo nakong ea liteko, re tlamehang ho ipiletsa ho
Jehova?

Mantaha 7 Mphalane
Thapelo ea Nehemia

Bala thapelo ea Nehemia e fumanoang ho Nehemia 1:5–11. Likaroloana tsa thapelo ee
ke life? Hobaneng a ikenyeletsa thapelong e le e mong oa ba molato?

1. Molimo o moholo o mohau (Neh. 1:5).
2. Nsekehele tsebe (Neh. 1:6).
3. Ho ipolela libe (Neh. 1:6, 7).
4. Hopola litšepiso tsa hao (Neh. 1:8, 9).
3. U re lopollotse (Neh. 1:10).
2. Nkutloe (Neh. 1:11).
1. Molimo o fana ka nala le mohau (Neh. 1:11).

Thapelo ea Nehemia e entsoe ka makhethe ’me e pheta boholo ba Molimo, hore ke
baetsalibe, le ho koala ka sello sa ho kopa thuso. Thapelo e tšoana le ea Daniele ho Daniele
9, ’me khonahalo e kholo ea hore Nehemia o ne a tseba thapelo eo. Ho bohlokoa ho ela
hloko hore Nehemia ha a qale ka ho kopa thuso, empa o qala ka ho teka ’nete ea hore na
Molimo ke mang, o moholo o oa rateha. O boetse o toboketsa taba ea hore Molimo o boloka
selekane sa hae le mohau ho ba mo ratang, joalokaha e ka o hopotsa Molimo hore e sale a
tšepahala ka hona haho kamoo a ka se tšepahaleng ha joale.

Thapelo ena le moralo o ikhethang, (o bontšitsoeng kaholimo) o itšetlehileng temaneng ea
8, moo Nehemia a buoang ka litšepiso tsa Molimo. Nehemia o re: “Hopola!” ka mantsoe a
mang: Molimo, hopola, hore u re tšepisitse hore u tla re qhalanya haeba re sa u tšepahalle
le hore u boetse oa re tšepisa ho re khutlisa le ho lokisa tsohle. Kaha ea pele e n’e etsahetse,
joale ke nako ea ho phethahatsa e ’ngoe hobane re retelehela ho uena. Nehemia h’a tšabe ho
kopa tšepiso ea Molimo le ho hopotsa Molimo ka tsona. Ehlile, ha se hore Molimo h’a tsebe
kapa h’a hopole litšepiso tsa hae. Empa, Molimo o thaba haholo ha re kopa litšepiso tsa hae.
O batla re li lumele ’me re ’molelle tsona. Ka ho bolela seo Molimo a re tšepisitseng sona,
re ka matlafala ka borona kaho tšepa litšepiso tseo, haholo-holo nakong tseo ho bonahalang
sohle se le lerootho.

Tse ling tsa litšepiso tsa Molimo o ka ikopelang tsona ke hona joale ke life? Ke
hobaneng ho le bohlokoa ho se lahle tšepo ea ho kopa litšepiso tseo le ka mohla?
(ntle ho mona, haeba u lahla tšepo, ke eng e setseng?)

Labobeli 8 Mphalane
Nehemia O oa Buoa

Nehemia 1:11 e re Nehemia ke moqhatsetsi oa morena. Ho rona sena se ka bonahala e le
mosebetsi o se nang boleng, empa baqhatsetsi e ba ba banna ba nang le tšusumetso e kholo,
kaha ba lutse ba khona ho kopana le morena. Baqhatsetsi ba ne ba latsoa lino bakeng sa
morena e le ho thibela ho kula kapa ho shoa ha morena. Herodotus o supa hore Mapersia
a nka baqhatsetsi e le batho ba hlomphehang, joalokaha ba ne ba nkoa e le liofisiri tsa
maemo a phahameng. Mohlala, moqhatsetsi oa morena Esarhaddon oa Assiria e ne boetse
e le letona le leholo ’musong. Ka hona, Nehemia o na le maemo a holimo ’musong, ’me ka
lebaka la hore e be o ne a khona ho kopana le morena, o kopa Molimo hore a mosebelise ha
a buoa le morena ka maemo a Juda.

Bala Nehemia 2:1–8. Ke sefe se etsahetseng e le litholoana tsa thapelo le ho itima lijo
ha Jeremia?

Thapelo ena e arabetsoe khoeling ea Nisane, eleng ka bo ’Mesa 444 B.C. likhoeli tse ’ne
li ne li fetile kamora hore Hanani le Bajude ba tlise litaba tse bolutunyana ka Jerusalema.
Likhoeli tse ’ne kaofela, Nehemia o ile a rapela a itima lijo, ’me ho eena e ka ’na eaba
tsatsi le leng le le leng ho ne ho bonahala e ka Molimo h’a arabe. Empa nako ea Molimo e
lutse e nepahetse. Molimo o ne a lokisitse morena hore a utloe Nehemia leho mofa karabo
e monate. E n’e se ntho’e tloaelehileng ho bona moqhatsetsi a tlohelisoa mosebetsi oa hae
nakoana hore e be ’musisi naheng e ’ngoe. Molimo O ile a buoa ka Nehemia ’me a makatsa
morena Artaksrksese I oa Persia ho etsa Nehemia ’musisi oa naha eohle ea Juda. Ho hlahella
ha lebitso la mofumahali ho ka bontša hore kopano ena e tlameha e n’e le e ikhethileng,
kaha ho ne ho se moeetlong hore mofumahali a ka ba teng lijong tsa se ’muso. Nehemia h’a
potlakele ho buoa ka Jerusalema, le ho etsa hore morena a se be le menahano ea hae, empa
o etsa boipiletso bo tsoang botebong ba pelo malebana le se mo amang e le motho. Nakong
eo lebitso la sebaka le hlahellang, morena o ne a se a hapuoe.

Re bona tšoano efe lipakeng tsa ntlha-kemo ea Nehemia mabaleng a morena le ea
Daniele Babilona? E reng ka semelo sa Nehemia seo morena a se ratang ka eena?

Laboraro Mphalane 9
Nehemia Ooa Rongoa

Morena o ile a romela mangolo ka Nehemia a eang ho Sanballate Mohoronite le ho Tobia
Moammone, liofisiri tse kholo tikolohong eo e ka mose ho noka, e le ho betla tsela bakeng
sa se tla etsoa ke Nehemia. Hape, morena a laela Asaphe, mohlokomeli oa moru oa morena,
ho fa Nehemia lifate tsohle tseo a li hlokang bakeng sa ho tsosa motse, marako, le menyako
ea tempele.

Bala Nehemia 2:9, 10. Ke sefe seo litemana tsee li re bolellang sona ka thibello eo
Nehemia le Bajude ba ileng ba tobana le eona?

Nehemia o ile a a fihla Jerusalema lemong tsa bo 445/444. Ho thibeloa ho bonahala ho
runya Nehemia a e-so etse letho, kaha kopo e isoang ho babusisi e khothotsa mathata. Leha
lebitso la Tobia e le la Sejude, eleng se bolelang “Jehova o motle” (le mora hae Jehohanane
le eena o ne a e-na le lebitso la Sejude, “Jehova o mosa”), o ne a sebetsa e le ’musisi oa
Ammone. Ka hona, Jerusalema e ne e pota-potiloe ke lira: Sanballate, ’musisi oa Samaria
ho isa Leboea, Tobia ‘musisi oa Ammone ho isa Boroa, le Gesheme oa mo-Arabe (Neh.
2:18, 19) ho isa ka Boroa, ea neng a nkile Edomo le Moabe. Ke bomalimabe hore e be
boetapele bo karolong eo bo ile ba koekoetla Nehemia ka ho khathatseha ka “boiketlo” ba
ba hatelletsoeng. Linkoapo ha li thabele mahlohonolo a bao li ba hateletseng.

Ho fihla ha Nehemia Jerusalema, leha hole joalo, a sirelelitsoe ke sesole, ho bontša hore o
tlile mosebetsing o ikhethileng, ho ile ha tsosa mona hara lichaba tsa bohetene tse phelang
haufi le motse, tseo hangata esale li natefeloa ke ho hloea ka ho lula se ba hlapaola le ho
ba soma. Kapele-pele mosebetsing ona oa bohetene, e n’e le marena a itseng, Sanballate
mohoronate, Tobia Moammone, le Geshem Moarabia. Ho tloha qalong, marena ana ile a
shebella metsamao ea Nehemia ka leihlo le matleng a bona ho thibela merero ea mosebetsi
oa hae.”—Ellen G. White, Prophets and Kings, leq. 635.

Tse ling tsa lipale tsa Bibele tseo u ka li fumanang tse bontšang kamoo ba bitsitsoeng
ke Molimo ho etsa thato ea hae ba ileng ba tobana le ho thibelloa ke life? Tlisa
karabo ea hau ka sehlopheng ka Sabatha.

Labone Mphalane 10
Nehemia o Lokisetsa Mosebetsi oa Hae

Ha ho potang, Molimo o ne a bitsitse Nehemia bakeng sa mosebetsi ona ’me o ne a tla fana
ka sohle seo a se hlokang. A hlometse ka tsebo ea litšepiso tsa Molimo le bonnete ba hore
o bitsitsoe ke Molimo, Nehemia a tsoela pele. Empa o ile a tsoela pele ka hloko ka thapelo.
Ka mantsoe a mang, leha a ne a tseba hore Molimo o na le eena, tsebo ena ha e ea ka ea mo
thibela ho nahana ka seo a tlang ho se etsa.

Bala Nehemia 2:11–20. Ke sefe seo Nehemia a se etsang ho lokisetsa mosebetsi oa
tsosoloso ea lerako?

Lithuto tsa boetapele: Thuto 1: Nehemia ha a bolelle motho ka meralo “seo Molimo a se
beileng pelong ea ka hore ke se etse Jerusalema” (Neh. 2:12). Ha se hore ha a bolelle sera
feela, empa o boetse o se patela baetapele ba Bajude. O letšolong la ho fokisa hore na se
lokelang ho etsoa ke sefe. Thuto 2: Pele a teka eng kapa eng, Nehemia o etsa mosebetsi oa
hae oa lipatlisiso ’me o etsa moralo oa mosebetsi ohle o tla hlokeha. Thuto 3: Ha a buoa ka
mosebetsi, Nehemia o qala pele ka ho lokolisa seo Molimo a se entseng ho fihlela ha joale
e le ho etella pele bofokisi bona, ’me o kenya mantsoe a morena. O khothatsa pele a kopa
botsehetsi. Ha se hore ke mohlolo hore e be Bajude ba arabetse hantle haholo ’me ba etsa
qeto ea ho aha, ba sa natse ho thibelloa hoo ba tla tobana le hona. Molimo O ne a sa lokisa
morena ka lithapelo le ho itima lijo ha Nehemia feela, empa le sechaba sa Bajude, hore ba
amohele litaba ka sebete.

Bala Nehemia 2:19, 20. Ke sefe seo litemana tse li re bolellang sona ka tumelo ea
Nehemia? Litemana tse kang Deuteronoma 7:9, Lipesalema 23:1–6, le Numere 23:19
e ka ’na eaba li thusitse Nehemia joang?

Lipuo tsa rona li bontša hore na re bo mang le seo re se lumelang. Nehemia o bonahala a
buoa mantsoe a khothatsang. Ha a tŝabe ho kenyeletsa Molimo ho sohle seo a se buoang le
ho tlotlisa, leha batho ba mo soma ba mo etsetsa lerata. Leha Nehemia a tseba lehloeo leo
lira li nang le lona ho bona, ha a qekise kapa a sielle Molimo ka thoko ho lipuisano. Hantle
joaloka Josefa ha a le Egepeta lilemo-lemo pele ho moo, Nehemia ha a tšabe ho phahamisa
Molimo oa Hae hara batho ba sa lumeleng ho eena.

Labohlano Mphalane 11
Ithute Ka Botebo:

Thuhisa “Motho oa monyetla,” maq. 628–634, ho Baporofeta le Marena. Nehemia e n’ele
monna oa thapelo: “Nehemia o ne a ile a tšolla moea oa hae bakeng sa batho ba habo
ka thapelo. Empa ha joale, nakong eo a rapelang sepheo se halalelang sa tla kelellong ea
hae. O ile a etsa qeto ea hore haeba a ka fumana tumello ea morena, le thuso e hlokehang
bakeng sa ho bokelletsa lisebelisuoa le meralo, o tla nka mojaro oa ho tsosolosa marako a
Jerusalema le ho khutlisa matla a sechaba sa Iseraele. O ile a kopa Molimo ho mo etsa hore
morena a mo utloele, hore morero ona o phethahale. ‘Atlehisa mohlanka oa hau hle, kajeno,
kea u kopa,’ a ipiletsa, ‘’me o mo fe mohau mahlong a monna enoa.’ Nehemia o ile a leta
monyetla o nepahetseng bakeng sa ho hlaha kapela morena a teke kopo ea hae likhoeli tse
’ne.”—Ellen G. White, Prophets and Kings, maq. 629, 630.

Lipotso Tsa Ho Qoqoa:

1. Karabong ea Thuto ea Laboraro, ho bolelang hore hohle kahara Bibele,
Tesatamente e ncha le ea Khale-ba bitsitsoeng ke Molimo ba ile ba thulana le
toantšo e matla? Haele hantle, ho bolela’ng hore e batla e-ba ho sohle seo ba neng
ba se etsa? Mohlomong potso e ntle e kaba: Ke mohlala ofe oo u ka u fumanang oa
motho ea bitsitsoeng ke Molimo ea sa kang a loantšoa? See se re bolella’ng mabapi
le kamoo re sa tlamehang ho khathala matla kateng, leha re etsa thato ea Morena,
re kopana le toantšo e matla e re thibellang ho fihlela seo re lumelang hore Morena
o re bitselitse ho se etsa?

2. Bala Nehemia 2:18. See se re bolell’ang ka matla ao bopaki ba motho ka mong
bo ka bang matla kateng, le kamoo bo bileng bohlokoa hore ho be le batho ba
amohelang Lentsoe ka matsoho a mabeli joalokaha Bajuda mmoho le Jeremia ba
ile ba etsa?

3. Nehemia kapa Esdrase a ka be a sa fihlela letho ntle ho thuso ea morena.
Ka mantsoe a mang, banna bana ba Molimo ba ile ba sebelisana ’moho le
Boralipolotiki, bao e neng e le bahedene. Ke Thuto efe eo re iphumanenlang eona
moo malebana le hore na re le kereke, ke neng, joang re ka sebelisanang ’moho le
boralipolotiki bafe kapa bafe? Ka mokha o tšoanang, ha re etsa seo, ke hobaneng
ha kereke e tlameha ho ba hlokolosi?

4. Ithute thapelo ea Nehemia (Neh. 1:1–11) ka sehlopheng. Ke sefe seo u ka
iphumanenalang sona ho tsona se ka u thusang ho tebisa metso likamanong tsa
hau le Molimo? Ke sefe seo e se rutang ka ho inehela, ho ipolela libe, le ho kopa
litšepiso?

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *